Motheo oa moral oa #MapLesotho

24 March 2015 | hmkmota

MapLesotho ke leano la ho lepa naha ka thepa ea maran-grang ele hore ho ke hobe le ‘Mapa oa naha ka ho totobala le ho tseba hore na mobu oa naha o ntse o sebelisoa joang. Moralo ona ha nakoana ke moralo oa baithaopi ba naha ea Lesotho le ba linaha tse hole le haufi ba ileng ba eba le khahleho ho bona naha ea Lesotho e hlaka hantle le ho aha sesebelisoa sena sa marang-rang ha nakoana. Ha re bua ka mosebetsi o amanang le #MapLesotho, re ka o bapisa le ha motho a qala ho aha ntlo ebe o cheka motheo oa ntlo pele. Le ha hole joalo a qala ka ho cheka fatse pele a nylolla marako a ntlo a ea holimo. Le lona leano lena re ka le bapisa le sona setsoantso seo. Ebile o qalile ele mosebetsi oa boithaopo feela re se re bopile Motheo o re tlo siela sechaba sa Basotho ka oona. Sepheo le morero oa mosebetsi ona ene ele hore re tsebe ka naha eena ea rona, ho feta moono ene ele hore re lemohe tsohle the etsahalang ha re sheba hore na Lesotho ka tlholeho le bopehile joang le hore na batho ba lula kae le joang. Le ha totobatso ea mosebetsi ona o ka tsosa nako tse ling hore re fihletse ho eetsa mosebetsi oo joang, feela ho bohlokoa ho feta ke hore na litabatabelo tsa oona ke lifeng. Le teng ho ke lumelang hole bohlokoa ke taba ea hore re nkile monyetla oa ho beha litaba tsa rona ka tsela ee bonahalang. Feela ntle le moo, ho hong ho hlokang ke hore ho tekoe tafoleng ke hore temohong ea mosebetsi oo o ka tsoalang? Le teng ntle le ba enang le kobo ea bohali, motho feela a ka tsoeloa molemo ofeng ka oona moralo oo? Tsena ke tsona lipotso tse bohlokoa maphelong a rona, haholo ha re lemoha hore se re phela bophelong ba marang-rang. Le ha re eso ka re ipha monyetla oa hore a re ame maphelong a rona, feela ho seng ho setse ke hore bophelo bona bo ke bobe bobebe haeba re ne re iphile monyetla oa ho utloisisa eona thepa eena ea ho hokela. Le teng lisebelisuoa li teng tse amang oona mosebetsi oona eba motho a enale thaaselo ea ho eta kapa hona ho laola Masimo a hae ele tse ling tse sebelisang motheo o ntseng o theoa ha joale. Mo oona mosebetsi oona o se o tsebahala ka oona ke ho hlaola makoloi a nkiloeng ka mahahapa kapa le tsona liphofolo. Le ha ke se ke hlahisitse melemo ea pele, ke ntse ke rata ho bolela melemo e kabang teng e amanang le hlahiso ea mesebetsi e ekabang ka tsebo e totobetseng ea naha ea habo rona . Le hore likhoebo tse ling li ntse li hlaha temeng e thehiloeng ke moralo ona. Feela ha lefats’e le ntse le fetohela ho sebelia marang-rang ese ele mokhoa o mocha oa ho sebetsa, ho seng hole bohlokoa ke hore re kene phetholelong eena re utlisisa ebeile re tseba rele sechaba re nka seabo tsoelopeleng ea bokamoso ba rona.

Twitter Facebook All

Keep in touch